Top Songs By Tsepo Tshola (The Village Pope)
Similar Songs
Credits
PERFORMING ARTISTS
Tsepo Tshola
Vocals
COMPOSITION & LYRICS
Tsepo Tshola
Composer
PRODUCTION & ENGINEERING
Tsepo Tshola
Producer
Dumisani Dlamini
Producer
Lyrics
[Verse 1]
O ne o nkadimile motswalle
Oa re putsa ka lerato
Le ha pelo e utlwile bohloko
O entse thato ea hao
[Verse 2]
Ntataise Jehova
Ke mofokodi oa hao
Ke thekeselle maotong a hao
Uena mopholosi oa ka
[Verse 3]
Ke bipeditsoe ke bohloko
Tlholohelo ea moratuoa oa ka
Ha ke tseke Ntate
Empa ke ikopela matla
[Verse 4]
Ntumelle hle Ntate
Ka tiisetso le mamello
Ka hohle hohle ke leke hore
"Ho lokile, ho lokile"
[Verse 5]
(Ee, ho lokile)
(Ee, ho lokile)
(Ee, ho lokile)
(Ee, ho lokile)
[Verse 6]
(Ee, ho lokile)
(Ee, ho lokile)
(Ee, ho lokile)
(Ee, ho lokile)
[Verse 7]
(Ntate ha ke sa sepela)
(Hole le lehae laheso)
(O nthuse ke tsebe hore)
("Ho lokile, ho lokile")
[Verse 8]
(Seo O nkadimileng sona)
(Ha ore ke se busetse)
(Le teng ke sa leka hore)
("Ho lokile, ho lokile")
[Verse 9]
(Le ha O re ke lesane)
(Le ba ratoang ho fetisa)
(Le moo ke sa leka hore)
("Ho lokile, ho lokile")
[Verse 10]
(Le ha lefu le bohale)
(Le kgaola tshiu tsaka)
(Ke sa ntse ke leka hore)
("Ho lokile, ho lokile")
[Verse 11]
(Feela ha ke na le uena)
(Bohlokong le dihlorisong)
(Hohle Ntate kentse ke re)
("Ho lokile, ho lokile")
[Verse 12]
(Le ha lefu le bohale)
(Le kgaola tshiu tsaka)
(Ke sa ntse ke leka hore)
("Ho lokile, ho lokile")
[Verse 13]
(Feela ha ke na le uena)
(Bohlokong le dihlorisong)
(Hohle Ntate kentse ke re)
("Ho lokile, ho lokile")
Written by: Tsepo Tshola