Featured In

Credits

PERFORMING ARTISTS
Tsepo Tshola
Tsepo Tshola
Vocals
COMPOSITION & LYRICS
Tsepo Tshola (The Village Pope)
Tsepo Tshola (The Village Pope)
Composer
PRODUCTION & ENGINEERING
Dumisani Dlamini
Dumisani Dlamini
Producer

Lyrics

Khomo tsa ntate di fedile
Helele, ke madambadamba
Le thabo ya ntate ha re sa e bona
Nthwena ke madambadamba
Le khotso ya sechaba ha re sa e bona
Helele, ke madambadamba
Ngwana o rwaka ntata'e, mmae a tsehe
Khele! Ke madambadamba
Bana ba tlohetse le dikolo
Jonnana, ke madambadamba
Malapa a sentswe ke dintwa tse sa feleng
Feela-feela, ka madambadamba
Ke mefere-fere feela, meduba-dube feela, dipherekano feela
Ke tlhakantsuntsu ya madambadamba
Ke mefere-fere feela, meduba-dube feela, dipherekano feela
Ke tlhakantsuntsu ya madambadamba
Ha re kopaneng, re fediseng nthwena
Jonnana, ke madambadamba
Esere bokamoso ba feela le pele bo fihla
Fela-fela, ka madambadamba
Thibela (Thibela)
Re bope bokamoso (He thibela, thibela, thibela)
Thibela (He thibela, yooo!)
Re bope bokamoso (Yo, hololo!)
Thibela (Thibela)
Re bope bokamoso (Thibela)
Thibela (Thibela, he thibela)
Re bope bokamoso
Bana ba tlohetse le dikolo
Jonnana, ke madambadamba
Malapa a sentswe ke dintwa tse sa feleng
Fela-fela, ka madambadamba
Ke mefere-fere feela, meduba-dube feela, dipherekano feela
Ke tlhakantsuntsu ya madambadamba
Ke mefere-fere feela, meduba-dube feela, dipherekano feela
Ke tlhakantsuntsu ya madambadamba
Ha re kopaneng, re fediseng nthwena
Jonnana, ke madambadamba
Esere bokamoso ba feela le pele bo fihla
Feela-feela, ka madambadamba
Thibela (Thibela)
Re bope bokamoso (Thibela, thibela)
Thibela (He thibela, heee!)
Re bope bokamoso (Thibela, thibela)
Thibela (He, thibela)
(Oh, bana ba tlohetse le dikolo)
Thibela (Thibela, thibela)
Written by: Tsepo Tshola (The Village Pope)
instagramSharePathic_arrow_out