Lyrics

Rammoloki, Tlatlamacholo
Ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts'epo e sa thekeseleng
Tlatlamacholo Rammoloki
Tlatlamacholo oena Ramaseli
Ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts'epo e sa thekeseleng
Ooo...
Tlatlamacholo, Rammoloki
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
Ke utloa ke tlalloa ke meookho
Ke utloa ke tlalloa ke likhapha ka mahlong
Ha ke hopola tsela eo ke e tsamaileng
'la 'nna ka ba ea ka liboko
Ke la 'nna ka itia pela lira ka tela tse ileng
Tsa nqala fats'e tsa ntsekisa lihlomo
Empa ke nna enoa ntse ke eme
Ka Molimo, le 'tsatsing lena ntse ke eme
Ba ntiisitse pelo ba re ba ea 'nyahamisa
Ha ba hlabani se ke kene
Le kajeno la ka 'makajeno 'ntse ke eme
Tlatlamacholo ka bohlale ba hao ntse ke eme
Rammoloki
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
Ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts'epo e sa thekeseleng
Tlatlamacholo, Rammoloki
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
Ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts'epo e sa thekeseleng
Ooo...
Tlatlamacholo, Rammoloki
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
'Atla li maroba li robokiloe keng?
Li robokiloe hobane o re bopile
Ligaka li machoba li kolokile keng?
Hobane U li rutile
Hee ho oena re kokotile ntate
Re kokotile
Ntate u re utloile
U rarolletse li qaka U li tolokile
Kajeno re phela re lokolohile
Ke rona bana 'ntse re eme
Ka Molimo le 'tsatsing lena 'ntse re eme
Ka Oena mojari oa lits'ito tsa batho
Le 'tsatsing lena 'ntse re eme
Le kajeno la 'makajeno 'ntse re eme
Tlatlamacholo ka bohlale ba hao 'ntse re eme
Ooo...
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
Ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts'epo e sa thekeseleng
Tlatlamacholo, Rammoloki
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
Ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts'epo e sa thekeseleng
Ooo...
Tlatlamacholo, Rammoloki
Tlatlamacholo, uena Ramaseli
Written by: Obatia Chapi
instagramSharePathic_arrow_out