Featured In

Credits

PERFORMING ARTISTS
Sneiman
Sneiman
Rap
Sents'o
Sents'o
Rap
COMPOSITION & LYRICS
Senei Makhalanyane
Senei Makhalanyane
Songwriter
PRODUCTION & ENGINEERING
Senei Makhalanyane
Senei Makhalanyane
Producer

Lyrics

Ke oele ka moangole ke boetse ke hoelehetsa ho uena Morena ho ba ke khangoe ke lipalo
Ke phela ka letsoalo, letsatsi le letsatsi ke leka ho etsa polane e ea qhalakana meralo
U re behile lefats'eng mona ho phetha mosebetsi, ka ts'usumetso ea moea o matla o re fileng ka tsoalo
Ho khathatsa ba nyahameng, ho khothatsa ba oeleng, ke oa masole moroalo
Sechabeng sa hau ho rena lehloeo, ho rena lefufa lerato le felile
Pelong tsa ba hau ho tletse bokhopo, lihele ntse li tuka, lerato le felile
Re ea u rapela morena re nehe matla a ho tumisa lebitso la hau (le khetholohile)
Re ea u rapela Tlatlamacholo re fe matla a ho khutlisa sechaba sa hau (se khelohile)
Lefu la hae le ea mphilisa
Rato la hae le ea nthabisa
Ke lumetse ho morena
Ke mo nehile pelo eaka.
Ke batla ho ipuela nnete feela Morena oaka hore ka tsohle tseo u mphileng tsona ka nnete ke ea leboha
Ho tsoa botebong ba pelo ea ka, ka nnete ke motlotlo, ebile ke thabile
Ka ho jara sefapano le ho re shoela libe tsa rona Morena re ea lumela u re nehile bophelo
Ha re lula re rapela le hore ha re ntse re phela, ha se ka bohlale, re phela mohaung
Ha re rapela ka matla leoatle le ka khutsa
Lithaba le maralla le tsona li ka sutha
Meneng la litau manyeloi a re Phutha
Sebuping sa mollo re kekebe ra tuka
Re ea u rapela Morena re nehe matla a ho tumisa lebitso la hau (le khetholohile)
Re ea u rapela Tlatlamacholo re fe matla a ho khutlisa sechaba sa hau (se khelohile).
Ha ho bokoe ho rorisoe ea kaletseng maru Rabosafeleng (re ea u boka Morena)
Ha ho bokoe ho rorisoe ea atla li maroba ke ho bopa masea (re sireletse Morena).
U re file mantsoe a nang le matla Molimo chaba sa hau se ea mamela ka mehla ha re bua
Ba sitse ka mohau le lerato lipelong batle ba nene lehloeo, ba nene le lisuoa
Romela manyeloi a ba lebise khanyeng, a ba khelose sebeng ba seke ba oeloa ke kolouoa
Ba lule ba its'etlehile ka lentsoe la hau, ha ba kake ba timela, le tsebo ba tla e ruoa
Re ea u rapela Morena re nehe matla ho tumisa lebitso la hauRe ea u rapela Tlatlamacholo re fe matla a ho khutlisa sechaba sa hau.
Ts'epo ea rona e ho uena feela Ntate
Ts'epo ea rona e ho uena feela Ntate
Ts'epo ea rona e ho uena feela Ntate
Written by: Senei Makhalanyane
instagramSharePathic_arrow_out